Original Research

Tumelo le Moruo

Vuyani S. Vellem
Verbum et Ecclesia | Vol 36, No 1 | a1373 | DOI: https://doi.org/10.4102/ve.v36i1.1373 | © 2015 Vuyani S. Vellem | This work is licensed under CC Attribution 4.0
Submitted: 30 July 2014 | Published: 08 October 2015

About the author(s)

Vuyani S. Vellem, Department of Dogmatics and Christian Ethics, Centre for Public Theology, University of Pretoria, South Africa

Abstract

Paleng ya rona batho ba batsho, tumelo ya boKreste e fihlile lefatsheng la rona la Afrika Borwa mmoho le dikgoka tsa ditjhaba tsa boPhirima. BoKreste bo fihlile ka nako ya dintwa tseo mohopolo wa tsona e neng e le ho hapa lefatshe la, batho ba batsho. Ka mantswe amang, rona batho ba batsho, re ile ra qetella re le setjhaba se ileng sa hlolwa, mme lefatshe la rona la nkuwa ka dikgoka. Ka hare ho dikgoka tsena, ho ne ho dutse tumelo ya boKreste. Makgowa a ile are: ‘A re kwaleng mahlo re rapeleng, rona ra kwala mahlo, mme ha re qeta hore Amen, re bula mahlo, ra fumana lefatshe le nkuwe matsohong a rona ho setse Bibele.’ Re ile ra sala le Bibele eo ka yona re lekileng dilemong tse fitileng ho lwana ntwa ya topollo, kapa tokoloho hofihlela selemong sa 1994. Le ha re ile ra fumana tokoloho ka selemo seo, hare so ka re lokoloha ho tsa moruo. E kaba sena se bolela eng mabapi le tumelo ya rona ya boKreste? Segolweng sena re leka ho araba potso ena. Tumelo ke eng ho batho ba sa lokolohang moruong wa naha ya bona? Re lekola pale ya boKreste, tumelo ya batho le maemo a kereke ntlheng ya ho tadimana le tokoloho ka tumelo.

Faith and economics. In our history from a black perspective, Christianity arrived through violent conquest from the west. Evidentially, this faith coincided with wars of dispossession and the ultimate defeat of black Africans. It is difficult to separate the violent defeat of black Africans from the arrival of Christian faith. This well-known statement within the circles of black Theology of liberation: When the white man arrived in our land he said, ‘let us pray and after prayer, when we opened our eyes, our land was taken and only the Bible was left in our hands,’ captures the black sentiment of this history. Ironically, it was this Bible that black Africans used to wage their struggle for liberation up to the demise of apartheid in 1994.Nonetheless, political liberation is not enough as the struggle for economic liberation continue in South Africa post 1994. In the light of this history, what then is the role of faith for a people politically liberated without economic liberation? This article examines this history from the perspective of black faith and its role for liberation.


Keywords

No related keywords in the metadata.

Metrics

Total abstract views: 4041
Total article views: 7519


Crossref Citations

No related citations found.